Thursday, 19 February 2026

Tlhaloso ya diphetoho tse rerilweng mabapi le sekgahla sa kadimo sa prime (prime lending rate)

Banka e kgolo ea  Afrika Boroa (SARB) e sisinya phetoho e kgolo mabapi le hore na sekgahla sa tswala dikadimong se ngolwe jwang. Banka e batla ho emisa ho sebedisa sekgahla sa kadimo ya Prime (PLR) 'mme ena e nkelwe sebaka ke sekgahla sa leano la SARB / policy rate (SPR), se tsejwang ka tlwaelo e le "sekgahla sa repo (repo rate)."

Mona ke tlhaloso e bonolo ea seo sena se se bolelang ho wena monga’ thepa:

Hobaneng phetoho e le teng?

E siiloe ke nako: Ho latela histori, "Prime" e ne e le sekgahla se tlase ka ho fetisisa seo libanka li se fileng bareki ba tsona ba bohlokwa ka ho fetisisa. Kajeno, ke palo feela e sebelisetswang tsamaiso –  hantle eleng 3.5% (dintlha tse 350 tsa motheo) ka holimo ho sekgahla sa repo.

Ho oa ferekanya: Batho ba bangata ba etsa phoso ka ho lumela hore sekheo sa 3.5% ke phaello e tiisitsweng bakeng sa dibanka, kapa hore "Prime" ke sebaka sa ho qala ho buisana ka kadimo. Ha e le hantle, dibanka di beha sekgahla sa hau sa tswala ho latela ditshenyehelo tsa tsona le boemo ba hau bo ikhethang ba dichelete.

Maemo a lefatshe: Sekgahla sa hona jwale sa Prime ha se fihlelle maemo a machaba a ponaletso le a ts'epo bakeng sa ditekanyetso tsa dichelete. Banka e lakatsa ho tshwana le mafatshe amang ha ho tluoa tabang tsa ponaletso le botshepehi ha ho buua ka ditaba tsa dichelete.

See se tla ama pokotho ea hao jwang?

Tefo ya hao ya 'nete e tla dula e tshwana: Ena ke phetoho ya ho ngola mabitso, eseng phetoho ya ditshenyehelo.

Diphetoho tsa dipalo: Hona joale, kadimo e ka 'na ya qotswa e le "Prime (=10.25%) + 2%." Tlas'a tsamaiso e ncha, kadimo eo e tshwanang e tla qotswa e le "Repo (= 6.75%) + 5.5%." Qetellong sekgahla sa ho qetela sa tswala seo u se lefang se ntse se tlo tshwana.

Ponaletso e ncha: Ho tla hlaka hore na sekgahla sa hao sa tswala se behiloeng ke Banka ea Reserve ke bokae le hore na banka yona e o lefisa bokae bakeng sa kadimo ea hau ea mokoloto / o itseng.

Moralo oa phetoho

Nako: Sena se ke ke sa etsahala ka bosiu bo le bong. Diphetoho di lebelletswe ho qala ka selemo sa 2027 kapele kamoo ho ka kgonehang.

Dikoloto tse seng di le teng: Ho na le dikonteraka tse fetang dimilione tse 12 tse seng di ntse di le teng (jwalo ka mekoloto ya matlo le dikadimo tsa ho lefella dikoloi) tse hokahantsweng le Prime. Ho boloka dintho di le bonolo ebile di lokile, tsena di ka fetolwa ha bonolo ho sebeliswa sekgahla se tsitsitseng sa 3.5% e le hore ho se ke ha e-ba le motho ya lahlehelwang kapa ya fumanang chelete feela ka lebaka la phetoho ena ea lebitso.

Ditshireletso tsa molao: Mmuso o rera ho theha melao ea "kou e sireletsehileng (safe harbour law)" ho netefatsa hore dibanka di ke ke tsa sebedisa phetoho ena ho fetola dikonteraka tsa hao tse seng di ntse di le teng di sebedisa leeme.


Ke e beha mohatla khwiti hona mona.